-
Deuteronoma 12:1Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
12 Ena ke melao le litaelo tseo le lokelang ho etsa bonnete ba hore lea li latela hafeela le ntse le phela naheng eo Jehova Molimo oa baholo-holo ba lona a tla le fa eona hore e be ea lona.
-
-
Deuteronoma 17:18, 19Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
18 Ha a lula teroneng ea ’muso oa hae, a nke Molao o bolokiloeng ke baprista ba Balevi ’me a ikopiletse oona bukeng.*+
19 E tla lula ho eena ’me a e bale bophelo bohle ba hae+ e le hore a ka ithuta ho tšaba Jehova Molimo oa hae le hore a latele ’me a phethe mantsoe ’ohle a Molao ona le litaelo tsena ka ho li phetha.+
-