Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 1 Likronike 16:41, 42
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 41 Ba ne ba e-na le Hemane le Jeduthune+ le banna bohle ba khethiloeng ka mabitso ho leboha Jehova+ hobane “lerato* la hae ha le fele le ka mohla.”+ 42 Ba ne ba e-na le Hemane+ le Jeduthune ba letsa literompeta, lisimbala le liletsa tsa ho rorisa* Molimo oa ’nete ’me bara ba Jeduthune+ ba le keiting.

  • 2 Likronike 5:11, 12
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 11 Ha baprista ba tsoa sebakeng se halalelang (hobane baprista bohle ba neng ba le moo ba ne ba itlhoekisitse,+ ho sa tsotellehe hore na ba tsoa sehlopheng sefe),+ 12 Balevi bohle ba binang+ ba neng ba etelletsoe pele ke Asafe,+ Hemane,+ Jeduthune+ le bara ba bona le bana ba bo bona, ba ne ba apere lesela la boleng bo botle ba tšoere lisimbala, liletsa tse likhoele le liharepa. Ba ne ba eme ka bochabela ho aletare ’me ba e-na le baprista ba 120 ba letsang literompeta.+

  • 2 Likronike 35:15
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 15 Libini e leng bara ba Asafe,+ li ne li le mosebetsing oa tsona ho ea ka taelo ea Davida,+ Asafe,+ Hemane le Jeduthune+ ea neng a bona lipono bakeng sa morena. Balebeli ba likeiti ba ne ba le likeiting tse fapaneng.+ Ho ne ho sa hlokahale hore ba tlohele mosebetsi oa bona hobane bana ba bo bona ba Balevi ba ne ba ba lokiselitse lijo.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela