12 Ho ekelletsa moo, ha Absalome a etsa mahlabelo, o ile a re ho bitsoe Akitofele+ oa Mogilone, moeletsi oa Davida+ ho tsoa motseng oa habo Gilo.+ Morero oa bolotsana oa ’na oa atleha ’me palo ea batho ba tšehetsang Absalome ea eketseha.+
23 Mehleng eo, keletso ea Akitofele+ e ne e nkoa e le joaloka lentsoe le tsoang ho* Molimo oa ’nete. Ke kamoo Davida le Absalome ba neng ba nkela likeletso tsohle tsa Akitofele holimo kateng.
23 Ha Akitofele a bona hore keletso ea hae ha ea sebelisoa, a palama tonki ’me a ea ntlong ea hae motseng oa habo.+ Ka mor’a hore a fe ba lelapa la hae litaelo,+ a iphanyeha.*+ Kahoo, a shoa ’me a pateloa moo baholo-holo ba hae ba patetsoeng teng.