Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 2 Samuele 23:20-23
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 20 Benaia+ mora oa Jehojada e ne e le monna ea sebete,* ea ileng a etsa liketso tse ngata Kabziele.+ O ile a bolaea bara ba babeli ba Ariele oa Moabe hape a theohela ka sekoting sa metsi letsatsing leo lehloa le neng le khethehile ka lona eaba o bolaea tau.+ 21 A boela a bolaea monna oa Moegepeta ea boholo bo sa tloaelehang. Le hoja Moegepeta eo a ne a tšoere lerumo, o ile a ea ho eena a tšoere molamu, a nka lerumo letsohong la Moegepeta eo eaba o mo bolaea ka lona. 22 Tsena ke lintho tseo Benaia mora oa Jehojada a li entseng. Botumo ba hae bo ne bo tšoana le ba banna ba bararo ba matla. 23 Le hoja a ne a hlaheletse ho feta banna bane ba 30, o ne a sa fihle boemong ba banna ba bararo ba matla. Leha ho le joalo, Davida o ile a mo khetha hore e be e mong oa balebeli ba hae.

  • 1 Marena 2:35
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 35 Morena a khetha Benaia+ mora oa Jehojada hore e be eena molaoli oa masole sebakeng sa Joabe, a boela a khetha moprista Tsadoke+ sebakeng sa Abiathare.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela