-
Exoda 12:3-11Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
3 Buang le sechaba sohle sa Iseraele le re, ‘Ka letsatsi la leshome la khoeli ena, e mong le e mong a nke nku+ bakeng sa lelapa la hae, ho be le nku bakeng sa ntlo ka ’ngoe. 4 Empa haeba lelapa le le lenyenyane haholo bakeng sa nku, lelapa leo* le bitsetse lelapa le haufi le lona ntlong ea lona hore ba tl’o e kopanela. Ba e arolelane ho ea ka hore na ba bakae. Ha le e arolelana, le lekanyetse hore na e mong le e mong o tla ja nama e kae ea nku eo. 5 Nku ea lona e be e phetseng hantle,+ e tona, e nang le selemo kapa le ka ’na la khetha ho liramo tse nyenyane kapa ho lipoli. 6 Le e hlokomele ho fihlela ka letsatsi la bo14 la khoeli ena+ ’me sechaba sohle sa Iseraele* se e hlabe ha letsatsi le likela.+ 7 Ba nke mali a mang ’me ba a tlotse mahlakoreng a mabeli a kosene le karolong e ka holimo ea monyako matlong ao ba e jellang ho ’ona.+
8 Ba je nama eo bosiung boo.+ Ba e bese mollong ’me ba e je ka bohobe bo se nang tomoso+ le ka meroho e babang.+ 9 Le se ke la ja nama ea eona e le tala, e belisitsoe kapa e phehiloe ka metsi empa le e bese mollong. Le e bese le hlooho ea eona, litlhakoana tsa eona le likahare tsa eona. 10 Le se ke la beha nama leha e le efe ea eona ho fihlela hoseng empa e salang ho fihlela hoseng le e chese mollong.+ 11 Le e je ka tsela ena: Le itlame* ka mabanta, le roale lieta* maotong, le tšoare melamu ea lona matsohong ’me le e je ka potlako. Ke Paseka ea Jehova.
-