-
1 Marena 8:23-26Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
23 a re: “Jehova Molimo oa Iseraele, ha ho na Molimo ea tšoanang le uena+ holimo maholimong kapa tlase lefatšeng. U tšepahalla selekane sa hao ebile u bontša bahlanka ba hao ba u sebeletsang ka lipelo+ tsohle hore oa ba rata.*+ 24 U phethahalitse tšepiso eo u ileng oa e etsetsa ntate oa ka Davida. U entse tšepiso ’me letsatsing lena u e phethahalitse.+ 25 Jehova Molimo oa Iseraele, phethahatsa tšepiso eo u e entseng ho ntate oa ka Davida ha u ne u re: ‘Ho tla lula ho e-na le e mong oa leloko la hao ea tla lula teroneng ea Iseraele haeba feela bara ba hao ba ka lula ba ntšepahalla joaloka uena.’+ 26 Molimo oa Iseraele, ke kopa u phethahatse tšepiso eo u e etselitseng ntate oa ka Davida mohlanka oa hao.
-