Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Exoda 12:48
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 48 Haeba ho e-na le molichaba ea lulang le lona ’me a batla ho keteka Paseka ea Jehova, bohle ba batona lelapeng la hae ba bolotsoe. Ka mor’a moo, a ka atamela hore a e keteke ’me o tla ba joaloka Moiseraele. Empa ho se ke ha e-ba le monna ea sa bollang ea tla ja lijo tsa Paseka.+

  • Ruthe 1:16
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 16 Empa Ruthe a re: “U se ke oa mphehella hore ke u siee, ke khutle ke se ke ka tsamaea le uena kaha ke tla ea moo u eang teng ’me ke tla robala moo u robalang teng. Batho ba heno e tla ba batho ba heso ’me Molimo oa hao e tla ba Molimo oa ka.+

  • 2 Marena 5:15
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 15 Ka mor’a moo, Naamane a tsamaea le masole ’ohle a hae a ea ho mohlanka oa Molimo oa ’nete+ a fihla a re: “Kannete kea tseba hore ha ho na Molimo kae kapa kae ntle le Iseraele.+ Ke kopa u amohele mpho* ena e tsoang ho ’na mohlanka oa hao.”

  • Esaia 56:6, 7
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  6 Ha e le balichaba ba ikopanyang le Jehova hore ba mo sebeletse,

      Ba rate lebitso la Jehova,+

      Le hore e be bahlanka ba hae,

      Bohle ba bolokang Sabatha ’me ba sa e silafatse

      Le ba tšoarellang selekaneng sa ka,

       7 Ke tla ba tlisa thabeng ea ka e halalelang,+

      Ke etse hore ba thabe ka har’a ntlo ea ka ea thapelo.

      Linyehelo tsa bona tsa secheso le mahlabelo a bona a tla amoheloa aletareng ea ka.

      Ntlo ea ka e tla bitsoa ntlo ea thapelo bakeng sa lichaba tsohle.”+

  • Liketso 8:27
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 27 Kahoo a ea teng eaba o bona letona la Ethiopia. Monna eo o ne a le pusong ea mofumahali* oa Ethiopia, a hlokomela matlotlo ’ohle a mofumahali. O ne a tsoa Jerusalema a tsoa rapela.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela