-
1 Marena 8:46-50Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
46 Haeba se etsa sebe (kaha ha ho na motho ea sa etseng sebe)+ ’me u se halefela ebile u se tlohela hore se hloloe ke lira tsa sona ’me li se isa botlamuoeng naheng ea tsona, hole kapa haufi,+ 47 haeba ha se le moo se bakela libe tsa sona+ ’me se khutlela ho uena+ ebile se kopa hore u se hauhele+ se re, ‘Re u foselitse ebile re entse sebe,’+ 48 se khutlela ho uena ka lipelo tsohle tsa sona+ le ka moea* oohle oa sona se le botlamuoeng ’me se rapela se shebile naha ea sona eo u e fileng baholo-holo ba sona le motse oo u o khethileng hammoho le ntlo eo ke u hahetseng eona,+ 49 u utloe thapelo le kopo ea sona u le maholimong sebakeng seo u lulang ho sona+ ’me u fane ka kahlolo bakeng sa sona. 50 U tšoarele sechaba sa hao melato eo se u etselitseng eona. U etse hore lira tse se isitseng botlamuoeng li se hauhele ’me li tla se hauhela+
-