-
1 Marena 12:21-24Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
21 Ha Roboame a fihla Jerusalema, a bokella banna bohle ba leloko la Juda le la Benjamine e leng masole a koetlisitsoeng* a 180 000 hore a loantše ba ntlo ea Iseraele e le hore a khutlisetse borena ho eena.+ 22 Molimo oa ’nete a bua le Shemaia+ mohlanka oa Molimo oa ’nete a re: 23 “E-re ho Roboame mora oa Solomone morena oa Juda le ho leloko lohle la Juda, la Benjamine le sechaba sohle, 24 ‘Jehova o re: “Le se ke la e’o loantša bana ba bo lona ba Baiseraele. E mong le e mong a khutlele ha hae hobane ke ’na ea entseng hore ntho ena e etsahale.”’”+ Ba mamela seo Jehova a se buileng ’me ba khutlela malapeng a bona feela joalokaha Jehova a ba laetse.
-