-
Deuteronoma 12:11Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
11 Le tla tlisa lintho tsohle tseo ke le laelang hore le li tlise sebakeng seo Jehova Molimo oa lona a khethang hore lebitso la hae le lule ho sona,+ e leng linyehelo tsa lona tsa secheso, mahlabelo a lona, likarolo tsa lona tsa leshome,+ monehelo oa lona le nyehelo e ’ngoe le e ’ngoe ea boitlamo eo le itlamang hore le tla e fa Jehova.
-
-
2 Likronike 15:8, 9Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
8 Ha Asa a utloa mantsoe ana le boprofeta ba moprofeta Odede, a ba sebete ’me a tlosa litšoantšo tse nyonyehang naheng eohle ea Juda+ le Benjamine le metseng eo a neng a e hapile lithabeng tsa Efraime eaba o tsosolosa aletare ea Jehova e neng e le ka pel’a foranta ea ntlo ea Jehova.+ 9 A bokella Bajuda le Babenjamine bohle le balichaba ba neng ba e-na le bona ba tsoang lelokong la Efraime, la Manase le la Simeone+ hobane ba ile ba tlohela Iseraele ba ea ho eena ba le bangata haholo ha ba bona hore Jehova Molimo oa hae o na le eena.
-