-
Genese 18:23-25Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
23 Abrahama a atamela Molimo ’me a re: “Na kannete u tla felisa ea lokileng le ea khopo?+ 24 Haeba motseng oo ho e-na le batho ba lokileng ba 50, na u tla o felisa kapa u tla o tšoarela ka lebaka la batho bao ba 50? 25 Ha ho utloahale hore u bolaee batho ba lokileng le ba khopo joalokaha eka ha ho na phapang pakeng tsa bona.+ Kannete ha ho utloahale hore u etse joalo+ hobane u Moahloli oa lefatše lohle ea ahlolang ka toka.”+
-
-
1 Marena 14:1Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
14 Abija mora oa Jeroboame a kula.
-
-
1 Marena 14:13Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
13 Baiseraele bohle ba tla mo llela ’me ba mo pate hobane ke eena feela oa lelapa la Jeroboame ea tla pateloa lebitleng. Ke eena feela oa lelapa la Jeroboame eo Jehova Molimo oa Iseraele a fumaneng ntho e ntle ho eena.
-
-
2 Likronike 19:2, 3Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
2 Jehu+ mora oa Hanani+ ea bonang lipono a ea ho Morena Josafate a re ho eena: “Na ke hantle hore ebe u thusa ba khopo+ ’me u rata ba hloileng Jehova?+ Jehova o u halefetse ka lebaka la sena. 3 Leha ho le joalo, ho na le lintho tse ntle tseo Molimo a li fumaneng ho uena+ hobane u ile oa tlosa lipalo tse halalelang naheng ’me oa ikemisetsa ho sebeletsa Molimo oa ’nete.”+
-