-
1 Marena 22:13-17Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
13 Moromuoa ea neng a il’o bitsa Mikaia a re ho eena: “Baprofeta bohle ba re morena o tla atleha. Le uena ke kopa u bue lintho tse ntle.”+ 14 Mikaia a re: “Ke hlapanya ka Jehova Molimo ea phelang hore ke tla bua seo Jehova a tla mpolella sona.” 15 Ha Mikaia a fihla, morena a re ho eena: “Mikaia, re loantše Ramothe-gileade kapa re tlohele?” Mikaia a re: “Tsamaea u e’o e loantša ’me Jehova o tla u thusa hore u e hlole.” 16 Morena a re ho eena: “Ke tla etsa hore u hlapanye ka makhetlo a makae e le hore u bue ’nete ’me u bue feela seo Jehova a u boleletseng sona?” 17 Mikaia a re: “Ke bone Baiseraele bohle ba hasane lithabeng+ joaloka linku tse se nang molisa. Jehova o itse: ‘Ha ba na morena. E-re e mong le e mong a khutlele ntlong ea hae ka khotso.’”
-