Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Numere 20:17, 18
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 17 Re kopa u re lumelle hore re fete naheng ea hao. Re ke ke ra feta har’a masimo a hao kapa har’a lirapa tsa hao tsa morara ebile re ke ke ra noa metsi a liliba tsa hao. Re tla tsamaea Tseleng ea Morena* re sa khelohele ka ho le letona kapa ka ho le letšehali ho fihlela re fetile naheng ea hao.’”+

      18 Leha ho le joalo, morena oa Edomo a re ho bona: “Le se ke la feta naheng ea ka. Haeba le ka feta ke tla le hlasela.”

  • Deuteronoma 2:5
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 5 Le se ke la ba loantša* hobane nke ke ka le fa naha leha e le efe ea bona, leha e ka ba sebaka se lekanang le bohato ba leoto hobane ke file Esau Thaba ea Seire e le lefa la hae.+

  • Deuteronoma 2:9
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 9 Joale Jehova a re ho ’na, ‘Le se ke la loantša Bamoabe hobane nke ke ka le fa naha leha e le efe ea bona e le lefa kaha ke file litloholo tsa Lota+ motse oa Are e le lefa.

  • Deuteronoma 2:19
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 19 Ha le le haufi le Baamone, le se ke la ba tšoenya kapa la ba qala hobane nke ke ka le fa naha leha e le efe ea Baamone e le lefa kaha ke e file litloholo tsa Lota e le lefa.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela