-
1 Marena 3:5-9Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
5 Ha Solomone a le Gibeone, Jehova a hlaha ho eena torong bosiu a re: “Mpolelle hore na u batla ke u fe eng.”+ 6 Solomone a re: “U ile oa bontša mohlanka oa hao e leng ntate oa ka Davida hore u mo rata haholo* hobane o ile a tsamaea litseleng tsa hao ka botšepehi le ka ho loka. U ntse u mo bontša lerato lena le leholo le kajeno ka hore ebe u ile oa mo fa mora hore a lule teroneng ea hae.+ 7 Jehova Molimo oa ka, u nkentse morena sebakeng sa ntate oa ka Davida le hoja ke sa le mocha* ebile ke se na boiphihlelo.*+ 8 Mohlanka oa hao o busa sechaba seo u se khethileng,+ ke sechaba se seholo hoo se ke keng sa baloa. 9 Kahoo, nthuse hore ke mamele ho tsoa pelong e le hore ke khone ho ahlola sechaba sa hao+ le ho lemoha pakeng tsa se setle le se sebe+ kaha ha ho motho ea ka khonang ho ahlola sechaba sena sa hao se seholo.”*
-