Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Esdrase 5:14
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 14 Ho ekelletsa moo, Morena Saeruse a ntša lijana tsa khauta le silevera tsa ntlo ea Molimo ka tempeleng ea Babilona tseo Nebukadnezare a ileng a li nka ka nkane tempeleng e Jerusalema ’me a li tlisa tempeleng ea Babilona.+ Li ile tsa fuoa monna ea bitsoang Sheshebazare*+ eo Saeruse a ileng a mo etsa letona.+

  • Esdrase 5:16
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 16 Joale Sheshebazare enoa a fihla ’me a etsa metheo ea ntlo ea Molimo+ e Jerusalema ’me haesale e ntse e hahuoa ho tloha nakong eo ho fihlela hona joale empa e ntse e e-s’o qetoe.’+

  • Hagai 1:1
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 1 Selemong sa bobeli Morena Dariuse* a le pusong, letsatsing la pele la khoeli ea botšelela, Jehova a fa moprofeta Hagai*+ molaetsa o eang ho ’musi oa Juda e leng Zorobabele+ mora oa Shalatiele le ho moprista ea phahameng Joshua mora oa Jozadake, o reng:

  • Hagai 1:14
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 14 Eaba Jehova o susumetsa+ ’musi oa Juda+ e leng Zorobabele mora oa Shalatiele le moprista ea phahameng Joshua+ mora oa Jozadake hammoho le batho bohle hore ba qale ho tsosolosa ntlo ea Jehova oa mabotho, Molimo oa bona.+

  • Hagai 2:23
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 23 “Jehova oa mabotho o re: ‘Ka letsatsi leo, ke tla u bitsa, uena mohlanka oa ka Zorobabele+ mora oa Shalatiele,’+ ke Jehova ea chong. ‘Ke tla etsa hore u be joaloka reng e tempang* hobane ke uena eo ke mo khethileng,’ ke Jehova oa mabotho ea chong.”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela