3Moprista ea phahameng Eliashibe+ le bana babo ba baprista, ba ema ’me ba haha Keiti ea Linku.+ Ba e halaletsa*+ ’me ba kenya mamati a eona. Ba e halaletsa ho ea fihla Toreng ea Mea+ le ho ea fihla Toreng ea Hananiele.+
6 Jojada mora oa Pasea le Meshulame mora oa Besodeia ba lokisa Keiti ea Motse oa Khale,+ ba e etsa ka lifate eaba ba kenya mamati a eona, ba kenya lithupa tsa eona tse koalang menyako ’me ba kenya le mekoallo ea eona.
13 Hanune le baahi ba Zanooa+ ba lokisa Keiti ea Phula+ eaba ba kenya mamati a eona, lithupa tsa eona tse koalang menyako le mekoallo ea eona. Ba lokisa lerako le etsang limithara tse 445* ho ea fihla Keiting ea Liqubu Tsa Molora.+