-
Numere 18:8, 9Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
8 Jehova a tsoela pele ho bua le Arone a re: “Ke u fa boikarabelo ba ho hlokomela menehelo eo ke e etsetsoang.+ Ke file uena le bara ba hao karolo ea lintho tsohle tse halalelang tseo Baiseraele ba faneng ka tsona e le kabelo eo le tla lula le e fumana.+ 9 Ho linyehelo tse halalelang ka ho fetisisa tse chesoang ka mollo, tsena e tla ba tsa hao: Linyehelo tsohle tseo ba li etsang, ho akarelletsa le linyehelo tsa bona tsa lijo*+ le linyehelo tsa bona tsa sebe+ le linyehelo tsa bona tsa molato+ tseo ba tla li tlisa ho ’na. Ke ntho e halalelang ka ho fetisisa bakeng sa hao le bakeng sa bara ba hao.
-