-
Esthere 3:2-5Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
2 Bahlanka bohle ba morena ba neng ba le keiting ea morena ba ne ba khumama le ho inama ka pel’a Hamane hobane morena o ne a laetse hore ho etsoe joalo. Empa Mordekai a hana ho khumama le ho inama ka pel’a Hamane. 3 Eaba bahlanka ba morena ba keiting ea morena ba re ho Mordekai: “Ke hobane’ng ha u sa mamele taelo ea morena?” 4 Ba ne ba bua le eena ka taba ena letsatsi le letsatsi empa a sa ba mamele. O ne a ba boleletse hore ke Mojuda.+ Eaba ba bolella Hamane e le hore ba bone hore na ho tla etsoa’ng ka Mordekai.+
5 Ha Hamane a bona hore Mordekai o hana ho khumama le ho inama ka pel’a hae, a tuka ke bohale.+
-