Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Liproverbia 14:16
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 16 Ea bohlale o hlokolosi ’me o furalla bobe

      Empa ea se nang kelello ha a tsotelle* ebile o itšepa ho tlola.

  • Liproverbia 28:14
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 14 Ho thaba motho ea lulang a falimehile*

      Empa ea thatafatsang pelo ea hae o tla oela tlokotsing.+

  • Esaia 30:1
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 30 Jehova o re: “Ho malimabe bana ba manganga,+

      Ba phethang merero eo e seng ea ka,+

      Ba etsang lilekane* empa ba sa tataisoe ke moea oa ka

      E le hore ba phaelle sebe ka sebe.

  • Daniele 5:18
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 18 Morena, Molimo ea Phahameng ka ho Fetisisa o ile a fa ntate oa hao Nebukadnezare ’muso, boholo, tlotla le ho hlompheha.+

  • Daniele 5:20
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 20 Empa ha a ikhohomosa, a ba manganga a bile a iphahamisa,+ o ile a theoloa teroneng ea ’muso oa hae a ba a theoloa seriti.

  • Zakaria 7:12
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 12 Ba ile ba etsa hore lipelo tsa bona li be thata joaloka taemane*+ ’me ba hana ho mamela molao* le mantsoe ao Jehova oa mabotho a ileng a a romela ka moea oa hae a sebelisa baprofeta ba pele.+ Kahoo, Jehova oa mabotho a halefa haholo.”+

  • Baroma 2:5
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 5 Empa kaha u manganga ebile ha u batle ho baka, Molimo o tla u halefela. O tla u fa kotlo letsatsing leo ka lona a ahlolang batho ’me o tla ahlola ka toka.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela