-
2 Marena 22:18, 19Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
18 Empa le bolelle morena oa Juda ea itseng le tl’o botsa Jehova le re, “Jehova Molimo oa Iseraele o re: ‘Ho latela mantsoe ao u a utloileng, 19 u ile oa mamela* ’me oa ikokobelletsa+ Jehova ha u utloa seo ke se buileng ka sebaka sena le baahi ba sona. Ke tla ba felisa ’me batho ba tla tšoha ka lebaka la bona. U ile oa tabola liaparo tsa hao,+ oa lla oa kopa thuso ho ’na ’me ke u utloile, ke ’na Jehova ea chong.
-
-
Luka 15:22-24Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
22 Empa ntate eo a re ho makhoba a hae: ‘Phakisang le tle le seaparo se selelele se setle, le mo apese sona, le mo roese reng le be le mo roese lieta.* 23 Le tlise namane e nonneng, le e hlabe, re etse mokete re je 24 hobane mora enoa oa ka o ne a shoele empa o boetse oa phela,+ o ne a lahlehile empa o fumanoe.’ Eaba ba qala ho keteka.
-
-
Luka 18:13, 14Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
13 Empa ’mokelli oa lekhetho o ne a emeletse hojana a bile a sa batle le ho sheba leholimong. O ile a bontša hore o soabile* a re: ‘Molimo, nkhauhele ’na moetsalibe.’+ 14 Kea le bolella, ho Molimo monna eo o ile hae e le motho ea lokileng ho feta Mofarisi eane.+ Hobane mang kapa mang ea iphahamisang o tla kokobetsoa empa mang kapa mang ea ikokobetsang o tla phahamisoa.”+
-