Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Pesaleme 14:1-7
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 14 Ea se nang kelello o re ka pelong:

      “Jehova ha a eo.”+

      Ba etsa lintho tse mpe le tse nyonyehang.

      Ha ho na ea etsang lintho tse ntle.+

       2 Empa Jehova o shebile batho a le leholimong

      Ho bona hore na ho na le ea nang le kutloisiso kapa ea ntseng a batla Jehova.+

       3 Bohle ba khelohile.+

      Kaofela ba etsa lintho tse mpe.

      Ha ho na ea etsang lintho tse ntle,

      Ha ho le ea mong.

       4 Ke hobane’ng ha batho ba etsang lintho tse mpe ba se na kutloisiso?

      Ba felisa sechaba sa ka habonolo joalokaha eka ba ja bohobe.

      Ha ba rapele Jehova.

       5 Empa ba tla tšoha haholo+

      Hobane Jehova o ka lehlakoreng la ba* lokileng.

       6 Lona ba etsang lintho tse mpe, le leka ho sitisa merero ea ea tlasana

      Empa Jehova ke setšabelo sa hae.+

       7 E se eka poloko ea Iseraele e ka tsoa Sione.+

      Ha Jehova a khutlisa batho ba hae botlamuoeng,

      Jakobo a ke a thabe, Iseraele a ke a nyakalle.

  • Baroma 3:10
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 10 Feela joalokaha ho ngoliloe: “Ha ho motho le ea mong ea lokileng,+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela