Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 1 Marena 19:10
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 10 Elia a re: “Haesale ke sebeletsa Jehova Molimo oa mabotho ka cheseho.+ Baiseraele ba fetohetse selekane seo ba se entseng le uena,+ ba sentse lialetare tsa hao, ba bolaile baprofeta ba hao ka sabole+ ’me ke ’na feela ea setseng. Le ’na ba batla ho mpolaea.”+

  • Pesaleme 119:139
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 139 Cheseho ea ka ea ho etsa thato ea hao e tuka joaloka mollo ka pelong ea ka+

      Hobane lira tsa ka li iphapanyelitse mantsoe a hao.

  • Matheu 21:12, 13
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 12 Jesu a kena ka tempeleng, a tebela bohle ba rekisang le ba rekang ka tempeleng. A phethola le litafole tsa ba chenchang chelete* le libenche tsa ba rekisang maeba.+ 13 A re ho bona: “Mangolo a re: ‘Ntlo ea ka e tla bitsoa ntlo ea thapelo’+ empa lona le e etsa lehaha la masholu.”+

  • Mareka 11:15-17
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 15 Ha ba fihla Jerusalema, Jesu a kena ka tempeleng a tebela bohle ba rekisang le ba rekang ka tempeleng. A phethola le litafole tsa ba chenchang chelete* le libenche tsa ba rekisang maeba.+ 16 O ne a thibela batho ho paroletsa le tempeleng ba nkile thepa. 17 O ile a ruta batho a re ho bona: “Mangolo a re: ‘Ntlo ea ka e tla bitsoa ntlo ea thapelo bakeng sa lichaba tsohle’+ empa lona le e entse lehaha la masholu.”+

  • Johanne 2:13-17
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 13 Paseka+ ea Bajuda e ne e le haufi eaba Jesu o nyolohela Jerusalema. 14 Ha a fihla ka tempeleng a fumana batho ba rekisa likhomo, linku le maeba.+ Ba chenchang lichelete* le bona ba ne ba lutse litulong. 15 A etsa sephali sa liropo, a lelekela bohle ba nang le linku le likhomo ka ntle ho tempele, a qhala lichelete tsa tšepe tsa ba chenchang lichelete le ho phethola litafole tsa bona.+ 16 Eaba o re ho ba rekisang maeba: “Tlosang lintho tsena mona! Tlohelang ho etsa ntlo ea Ntate ntlo ea khoebo!”+ 17 Barutuoa ba hae ba hopola hore mangolo a re: “Cheseho ea ka bakeng sa ntlo ea hao e tla tuka.”+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela