17 Eaba Akitofele o re ho Absalome: “Ke kopa u ntumelle hore ke khethe banna ba 12 000 ’me re tsamaee re e’o lelekisa Davida bosiung bona. 2 Ke tla mo hlasela ha a khathetse ebile a se na matla+ ’me ke mo tšose. Batho bohle ba nang le eena ba tla baleha ’me ke tla bolaea morena feela.+