Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Exoda 14:21
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 21 Moshe a otlollela letsoho holim’a leoatle.+ Jehova a chechisetsa leoatle morao ka moea o matla oa bochabela bosiu bohle, ho etsa hore boliba ba leoatle e be mobu o ommeng+ ’me metsi a arohana.+

  • Joshua 3:16
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 16 metsi a phallang ho tloha holimo a ema tsi! hole koana Adama e leng motse o haufi le Zarthane. A ile a phahama, a ba joaloka letamo,* ha ka nako eo metsi a theohelang Leoatleng la Araba e leng Leoatle la Letsoai* a ntse a fela. Noka ea khaotsa ho phalla eaba sechaba se tšela se shebane le Jeriko.

  • Pesaleme 114:1-3
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 114 Ha Baiseraele ba tsoa Egepeta,+

      Ha ba lelapa la Jakobo ba tsoa sechabeng se neng se bua puo e ’ngoe,

       2 Juda e ile ea e-ba sebaka sa Molimo se halalelang,*

      Iseraele ea e-ba sebaka seo a se busang.+

       3 Leoatle le ile la bona ha batho ba tla eaba le aroha ka lehare,+

      Jordane eona ea khaotsa ho phalla.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela