-
Deuteronoma 6:21Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
21 U re ho eena, ‘Re bile makhoba a Faro Egepeta empa Jehova a re ntša Egepeta ka letsoho le matla.
-
-
Deuteronoma 11:18, 19Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
18 Le kenye mantsoe ana a ka lipelong tsa lona le likelellong tsa lona ’me le a tlame e le khopotso matsohong a lona, a be joaloka lebanta le roaloang liphatleng tsa lona.*+ 19 Le a rute bana ba lona ’me le bue ka ’ona ha le lutse ka matlung a lona, ha le tsamaea tseleng, ha le robala le ha le tsoha.+
-
-
Joshua 4:6, 7Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
6 hore e be letšoao har’a lona. Haeba bana* ba lona ba ka le botsa nakong e tlang, ba re, ‘Ke hobane’ng ha le behile majoe aa moo?’+ 7 Le tla re ho bona: ‘Ke hobane metsi a Jordane a ile a emisoa ka pel’a areka+ ea selekane sa Jehova. Ha areka e tšela Jordane, metsi a Jordane a ile a emisoa. Majoe ana e tla lula e le sehopotso* ho sechaba sa Iseraele.’”+
-