Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Deuteronoma 4:34
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 34 Kapa na Molimo o kile a leka ho inkela sechaba har’a sechaba se seng, a sebelisa likotlo,* lipontšo, mehlolo,+ ntoa,+ letsoho le matla+ le liketso tse tšosang+ e le hore a se nke joalokaha Jehova Molimo oa lona a entse bakeng sa lona Egepeta ka pel’a mahlo a lona?

  • Nehemia 9:10
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 10 Eaba u etsa lipontšo le mehlolo tse otlang Faro le bahlanka bohle ba hae le batho bohle ba naha ea hae+ kaha u ne u tseba hore ba ile ba hlorisa batho ba hao.+ U tsebahalitse lebitso la hao ’me le ntse le tsebahala le kajeno.+

  • Pesaleme 105:27-36
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 27 Ba etsa lipontšo tsa Molimo har’a Baegepeta,

      Ba etsa le mehlolo ea hae naheng ea Kama.+

      28 A romela lefifi ’me ha e-ba hotšo naheng.+

      Ba ile ba mamela seo a se buileng.

      29 A fetola metsi a bona mali,

      A bolaea litlhapi tsa bona.+

      30 Naheng ea bona ha tlala linqanqane,+

      Tsa tlala le ka likamoreng tsa morena.

      31 A romela liboba* le menoang

      Hore li hlasele libaka tsohle tsa bona.+

      32 A etsa hore pula ea bona e be sefako,

      A romela mahalima* naheng ea bona.+

      33 A senya lifate tsa bona tsa morara le tsa lifeie,*

      A roba lifate tse naheng ea bona.

      34 A laela litsie hore li hlasele naha,

      Litsie tse nyenyane tse se nang palo.+

      35 Tsa ja limela tsohle tsa naha,

      Le lintho tsohle tseo ba li lemmeng.

      36 A bolaea matsibolo ’ohle naheng ea bona+

      E leng bana ba bona ba pele.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela