Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Esaia 2:2, 3
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  2 Matsatsing a ho qetela,*

      Thaba eo ntlo ea Jehova e leng ho eona

      E tla tiisoa ka thata ka holim’a litlhoro tsa lithaba,+

      E phahamele maralla.

      Lichaba tsohle li tla phallela ho eona.+

       3 Lichaba tse ngata li tla ea ebe li re:

      “Tloong, re nyoloheleng thabeng ea Jehova,

      Ntlong ea Molimo oa Jakobo.+

      O tla re ruta litsela tsa hae

      Ebe re tsamaea litseleng tsa hae.”+

      Molao o tla tsoa Sione

      Le lentsoe la Jehova le tsoe Jerusalema.+

  • Zakaria 14:9
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 9 Jehova e tla ba Morena oa lefatše lohle.+ Letsatsing leo, Jehova e tla ba eena feela Molimo ea rapeloang+ ebile ho tla tlotlisoa lebitso la hae feela.+

  • Tšenolo 7:9, 10
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 9 Ka mor’a moo, ka bona bongata bo boholo ba batho boo ho neng ho se motho ea ka bo balang. E ne e le batho ba lichaba tsohle, maloko ’ohle, merabe eohle le lipuo tsohle.+ Ba ne ba eme ka pel’a terone le Konyana, ba apere liaparo tse telele tse tšoeu+ ’me ba tšoere makala a palema.+ 10 Ba ne ba hoeletsa ba re: “Re pholositsoe ke Molimo oa rona ea lutseng teroneng,+ le Konyana.”+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela