-
Nehemia 9:17Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
17 Ba ile ba hana ho mamela,+ ba lebala liketso tsa hao tse hlollang tseo ba ileng ba bona ha u li etsa. Ba e-ba manganga* ’me ba khetha moeta-pele hore ba khutlele bokhobeng ba bona Egepeta.+ Empa kaha u Molimo ea ikemiselitseng ho tšoarela,* ea utloelang batho bohloko le ea mohau,* ea liehang ho halefa le ea lerato,*+ ha oa ka oa ba lahla.+
-
-
Jonase 4:2Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
2 Kahoo, a rapela Jehova a re: “Jehova, ke tsebile ke sa le haeso koana hore ho tla etsahala tjena. Ke kahoo li sa tloha feela ke ileng ka leka ho balehela Tarshishe+ hobane ke ne ke tseba hore u Molimo ea utloelang batho bohloko, ea mohau, ea liehang ho halefa, ea lerato+ le ea sa rateng ho fana ka kotlo.
-