Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Pesaleme 93:2
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  2 Terone ea hao e ile ea tiisoa ka thata ho tloha khale.+

      Haesale u le teng.+

  • Esaia 40:28
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 28 Na ha u tsebe? Na ha oa utloa?

      Jehova, ’Mopi oa tsohle tse lefatšeng, ke Molimo ka ho sa feleng.+

      Ha ho mohla a khathalang kapa hona ho tepella.+

      Kutloisiso ea hae e ke ke ea fihleloa.*+

  • Habakuke 1:12
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 12 Jehova, esale u le teng.+

      Molimo oa ka, Mohalaleli oa ka, ha u shoe.*+

      Jehova, u ba khethile hore ba phethe likahlolo tsa hao.

      Uena Lefika la ka,+ u ba khethile hore ba re khalemele.+

  • 1 Timothea 1:17
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 17 Molimo ea mong feela,+ Morena oa bosafeleng,+ ea ke keng a shoa+ le ea sa bonahaleng+ a ke a hlomphuoe a be a tlotlisoe ka ho sa feleng. Amen.

  • Tšenolo 1:8
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 8 Jehova* Molimo o re: “Ke ’na Alfa le Omega,*+ ea teng, ea neng a le teng le ea tlang. Ke Molimo ea Matla ’Ohle.”+

  • Tšenolo 15:3
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 3 Ba ne ba bina pina ea Moshe+ mohlanka oa Molimo le ea Konyana+ ba re:

      “Jehova* Molimo ea Matla ’Ohle,+ mesebetsi ea hao e meholo ebile ea tsoteha.+ Morena oa bosafeleng,+ litsela tsa hao li lokile ’me ke tsa ’nete.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela