12 Le tla thaba ka pel’a Jehova Molimo oa lona,+ lona le bara ba lona, barali ba lona, makhoba a lona a banna le a basali le Balevi ba ka har’a metse* ea lona hobane ha baa fuoa karolo kapa lefa hammoho le lona.+
10 Nehemia a re ho bona: “Tsamaeang, le je lijo tse monate* ’me le noe lintho tse monate hape le fane ka lijo tse ling+ ho ba se nang letho hobane letsatsi lena lea halalela ho Morena oa rona ’me le se ke la utloa bohloko kaha thabo eo Jehova a le fang eona ea le matlafatsa.”*