Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Deuteronoma 12:31
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 31 Le se ke la rapela Jehova Molimo oa lona ka tsela eo hobane lichaba tseo li etsetsa melimo ea tsona ntho e ’ngoe le e ’ngoe e nyonyehang eo Jehova a e hloileng, esita le ho chesa bara le barali ba tsona mollong bakeng sa melimo ea tsona.+

  • 2 Marena 16:1
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 16 Ha Peka mora oa Remalia a e-na le lilemo tse 17 a busa, Akaze+ mora oa Morena Jothame oa Juda ea e-ba morena.

  • 2 Marena 16:3
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 3 Empa o ile a etsa lintho tse neng li etsoa ke marena a Iseraele+ a ba a chesa* mora oa hae+ e le ha a etsisa mekhoa e nyonyehang ea lichaba+ tseo Jehova a li lelekileng ha Baiseraele ba ne ba hapa naha.

  • 2 Marena 17:17, 18
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 17 Ba boela ba chesa* bara le barali ba bona,+ ba sebelisa bonohe+ ’me ba batla lipontšo tsa se tlang. Ba tsoela pele ho etsa* lintho tse sa thabiseng Jehova ’me ba mo utloisa bohloko.

      18 Jehova a halefela Baiseraele ’me a ba leleka.+ O ile a siea leloko la Juda feela.

  • Jeremia 7:30, 31
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 30 Jehova o re: ‘Batho ba Juda ba entse lintho tse fosahetseng mahlong a ka. Ba behile litšoantšo tsa bona tse nyonyehang ka tlung e jereng lebitso la ka ’me ba e silafalitse.+ 31 Ba hahile libaka tse phahameng tsa Tofethe, e Khohlong ea Mora oa Hinome*+ e le hore ba chese bana ba bona mollong+ e leng ntho eo ke neng ke sa ba laela eona le eo ho seng mohla nkileng ka e nahana le ho e nahana.’*+

  • 1 Bakorinthe 10:20
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 20 Ho hang, empa ke re batho ba lichaba tse ling ba etsetsa bademona mahlabelo eseng Molimo+ ’me ha ke batle hore le etse ntho leha e le efe e le kopanyang le bademona.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela