-
Baahloli 6:1-5Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
6 Baiseraele ba ile ba boela ba siteloa Jehova.+ Kahoo, Jehova a nehelana ka bona matsohong a Bamidiane ka lilemo tse supileng.+ 2 Bamidiane ba ile ba hatella Baiseraele.+ Ka lebaka la Bamidiane, Baiseraele ba ile ba iketsetsa libaka tseo ba ka ipatang* ho tsona lithabeng, mahaheng le libakeng tseo ho leng thata ho fihla ho tsona.+ 3 Ha Baiseraele ba jetse peo, Bamidiane, Baamaleke+ le batho ba Bochabela+ ba ne ba ba hlasela. 4 Ba ne ba hloma litente e le hore ba ba hlasele ’me ba senye lihlahisoa tsa naha ho ea fihla Gaza. Ba ne ba sa siele Baiseraele letho le jeoang leha e le nku kapa poho kapa tonki.+ 5 Ba ne ba tla le mehlape le litente tsa bona ba le bangata joaloka litsie+ ’me bona le likamele tsa bona ba ne ba se na palo,+ ba ne ba tla naheng ho tla e felisa.
-