Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Pesaleme 2:8, 9
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  8 Nkope ’me ke tla u fa lichaba hore e be lefa la hao

      Le lefatše lohle hore e be la hao.+

       9 U tla li robakanya ka lere la borena la tšepe.+

      U tla li pshatla joaloka sejana sa letsopa.”+

  • Pesaleme 45:4, 5
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  4 Bontša bokhabane ba hao ’me u hlole.*+

      Palama pere ea hao ’me u loanele ’nete, boikokobetso le toka,+

      Letsoho la hao le letona le tla etsa* lintho tse makatsang.

       5 Metsu ea hao e bohale, e etsa hore lichaba li oele ka pel’a hao.+

      E hlaba lipelo tsa lira tsa morena.+

  • Matheu 28:18
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 18 Jesu a atamela a bua le bona a re: “Ke filoe matla holim’a ntho e ’ngoe le e ’ngoe e leholimong le lefatšeng.+

  • Tšenolo 6:2
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 2 Ka bona pere e tšoeu,+ ea neng a e palame o ne a tšoere seqha. O ile a fuoa korone+ eaba oa tloha hore a e’o hlola lira tsa hae.+

  • Tšenolo 12:5
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 5 A tsoala mora+ ea tla busa lichaba kaofela ka lere la tšepe.+ Hang-hang ngoana eo a isoa ho Molimo ea lutseng teroneng ea hae.

  • Tšenolo 19:11
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 11 Ka bona leholimo le buleha eaba ke bona pere e tšoeu.+ Ea e palameng o bitsoa Ea Tšepahalang+ le Oa ’Nete,+ o ahlola ka toka ebile o loana ntoa e lokileng.+

  • Tšenolo 19:15
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 15 Molomong oa hae ho tsoa sabole e telele e bohale+ eo a tl’o bolaea lichaba ka eona. O tla busa* lichaba ka lere la tšepe.+ Hape o hatakela morara o ka sehatelong sa veine sa Molimo ea Matla ’Ohle se emelang bohale ba hae bo tukang.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela