4 Molimo oa rona, re kopa u utloe kamoo ba re nyatsang kateng,+ u khutlisetse ho nyefola ha bona holim’a lihlooho tsa bona+ ’me u nehelane ka bona ho lira tsa bona naheng ea botlamuoa.
15 Lerako le ile la qetoa ka letsatsi la bo25 la Elule.* Le ile la hahoa ka matsatsi a 52.
16 Hang ha lira tsohle tsa rona li utloa ka taba ena le lichaba tsohle tse re potolohileng li bona sena, tsa soaba haholo,*+ tsa bona hore Molimo ke eena ea re thusitseng ho etsa mosebetsi ona.
13 Ha Hamane a phetela mosali oa hae Zereshe+ le metsoalle eohle ea hae sohle se mo hlahetseng, baeletsi ba hae* le mosali oa hae Zereshe ba re ho eena: “Haeba Mordekai eo ea seng a u hlotse ke e mong oa Bajuda, u ke ke oa mo hlola empa o tla u hlola.”
3 Letsatsing leo, ke tla etsa hore Jerusalema e be lejoe le boima ho lichaba tsohle. Bohle ba le phahamisang ba tla lemala haholo.+ Lichaba tsohle tsa lefatše li tla bokelloa hore li mo hlasele.”+