Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 1 Samuele 17:45, 46
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 45 Davida a re ho Mofilista: “U tla ho ’na ka sabole, lerumo le ka lerumo+ le betsoang empa ’na ke tla ho uena ka lebitso la Jehova oa mabotho,+ Molimo oa mabotho a Iseraele, eo u mo rohakileng.*+ 46 Letsatsing lena Jehova o tla etsa hore ke u hlole.+ Ke tla u bolaea, ke u khaole hlooho ’me kajeno ke tla fepa linonyana le liphoofolo tse hlaha ka litopo tsa masole a Bafilista. Batho bohle lefatšeng ba tla tseba hore ho na le Molimo Iseraele.+

  • 2 Samuele 21:15
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 15 Ha boela ha e-ba le ntoa pakeng tsa Bafilista le Baiseraele.+ Kahoo, Davida le bahlanka ba hae ba tsamaea ba e’o loantša Bafilista empa Davida a khathala.

  • 2 Samuele 21:17
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 17 Hang-hang Abishai+ mora oa Tseruja a mo thusa+ ’me a hlaba Mofilista eo a mo bolaea. Ka nako eo, banna ba Davida ba mo phehella* ba re: “U se ke oa hlola u tla le rona ntoeng.+ U se ke oa tima lebone la Iseraele.”+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela