Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Exoda 19:5
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 5 Haeba le tla ’mamela linthong tsohle ’me le boloke selekane* sa ka, le tla ba thepa ea ka e khethehileng* har’a lichaba tsohle+ hobane lefatše lohle ke la ka.+

  • Exoda 31:16, 17
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 16 Baiseraele ba lokela ho boloka Sabatha. Ba boloke Sabatha melokong eohle ea bona. Ke selekane se tla lula se le teng. 17 Ke pontšo e tla lula e le teng pakeng tsa ka le sechaba sa Iseraele+ hobane Jehova o entse maholimo le lefatše ka matsatsi a tšeletseng ’me a phomola ka letsatsi la bosupa, a thabile ka lebaka la mosebetsi oa hae.’”+

  • Deuteronoma 4:8
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 8 Hape ke sechaba sefe se seholo se nang le melao e lokileng le litaelo tse joaloka Molao oo oohle oo ke le fang oona kajeno?+

  • 1 Likronike 17:21
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 21 Ke sechaba sefe lefatšeng se tšoanang le sechaba sa hao sa Iseraele?+ Uena Molimo oa ’nete, u ile oa se lopolla hore e be sechaba sa hao.+ U iketselitse lebitso ka liketso tsa hao tse kholo le tse makatsang,+ oa leleka lichaba ka pel’a batho ba hao+ bao u ba lopolotseng Egepeta.

  • Baroma 3:1, 2
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 3 Molemo oa ho ba Mojuda ke ofe kapa molemo oa lebollo ke ofe? 2 Ho na le melemo e mengata. Oa pele ke hore ba ile ba fuoa melaetsa e halalelang ea Molimo.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela