Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 2 Marena 7:6, 7
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 6 Jehova o ne a entse hore Basiria ba litenteng ba utloe molumo oa likariki tsa ntoa, lipere le masole a mangata.+ Basiria ba ile ba buisana ba re: “Morena oa Iseraele o hirile marena a Bahethe le marena a Egepeta hore a re hlasele.” 7 Ba tloha ka potlako ba baleha mantsiboea ho se ho le lefifi, ba siea lipere, litonki le litente tsa bona li ntse li le joalo ’me ba baleha e le hore ba pholohe.

  • Pesaleme 20:7
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  7 Batho ba bang ba tšepile likariki tsa ntoa, ba bang ba tšepile lipere+

      Empa rona re tšepile lebitso la Jehova Molimo oa rona.+

  • Liproverbia 21:31
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 31 Pere e koetlisetsoa letsatsi la ntoa+

      Empa Jehova ke eena ea sireletsang.+

  • Esaia 31:1
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 31 Ho malimabe ba theohelang Egepeta ho batla thuso,+

      Ba tšepang lipere,+

      Ba tšepang likariki tsa ntoa hobane li le ngata

      Le lipere tsa ntoa* hobane li le matla

      Empa ba sa tšepe Mohalaleli oa Iseraele

      Ba bile ba sa batle thuso ea Jehova.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela