-
1 Samuele 25:30, 31Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
30 Ha Jehova a se a u etselitse lintho tsohle tse molemo tseo a li tšepisitseng ’me a u beha hore u be moeta-pele oa Iseraele,+ 31 u ke ke oa soaba kapa oa ikutloa u le molato ka pelong ea hao ka lebaka la ho bolaea ntle ho lebaka le ka lebaka la ho iphetetsa.*+ Moren’a ka ha Jehova a u hlohonolofatsa, u nkhopole.”
-
-
Esthere 5:8Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
8 haeba morena a mamela sello sa ka a bile a lumela ho phetha seo ke se kopang, a tle le Hamane moketeng oo ke tla ba etsetsa oona hosane. Hosane ke tla u bolella hore na ke kopa’ng.”
-
-
Tite 2:3Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
3 Ka ho tšoanang, bo-’mè ba holileng ba itšoare ka tsela e bontšang hore ba hlompha Molimo, e se ke ea e-ba baetselletsi, e se ke ea e-ba makhoba a veine, ba rute lintho tse lokileng
-