Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Deuteronoma 28:15
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 15 Empa haeba le sa mamele lentsoe la Jehova Molimo oa lona ka hore le phethe litaelo tsohle tsa hae tseo ke le laelang tsona kajeno, likotlo tsena tsohle li tla le tlela ’me lintho tsena tsohle tse mpe li tla le hlahela:+

  • Joshua 7:24, 25
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 24 Joale Joshua le Baiseraele bohle ba nka Akane+ mora oa Zera hammoho le silevera, seaparo se khethehileng le setene sa khauta+ le bara ba hae, barali ba hae, likhomo tsa hae, litonki tsa hae, mehlape ea hae ea linku le lipoli, tente ea hae le lintho tsohle tsa hae ’me ba li isa Khohlong* ea Akore.+ 25 Joshua a re: “Ke hobane’ng ha u re tliselitse tlokotsi?*+ Le uena Jehova o tla u tlisetsa tlokotsi letsatsing lena.” Baiseraele bohle ba mo tlepetsa ka majoe.+ Ka mor’a moo, ba ba chesa ka mollo.+ Ba ile ba ba bolaea kaofela ka ho ba tlepetsa ka majoe.

  • Esthere 9:24, 25
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 24 Hamane+ mora oa Hamedatha oa Moagage,+ sera sa Bajuda bohle, o ne a rerile ho timetsa Bajuda+ ’me o ne a entse hore ho lahloe Pure+ e leng Lotho, bakeng sa ho ba hlokisa botsitso le ho ba felisa. 25 Empa ha Esthere a fihla ho morena, morena a fana ka molao o ngotsoeng+ o reng: “Ntho e mpe eo a neng a e reretse Bajuda+ e ke e etsahale ho eena.” Eaba ba mo fanyeha palong le bara ba hae.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela