-
Mareka 7:21-23Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
21 hobane ka lipelong tsa batho+ ho hlaha menahano e fosahetseng e etsang hore ho be le boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano,* bosholu, lipolao, 22 bofebe, meharo, bokhopo, bolotsana, boitšoaro bo bobe boo batho ba bo etsang ba sa soabe,* mona, lipuo tse mpe, boikhohomoso le ho hloka kelello. 23 Lintho tsena kaofela tse fosahetseng li tsoa pelong ea motho ’me lia mo silafatsa.”
-