Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 2 Samuele 18:15
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 15 Joale bahlanka ba leshome ba neng ba jara libetsa tsa Joabe ba fihla ’me ba otla Absalome ho fihlela a shoa.+

  • 2 Samuele 20:1
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 20 Joale ho ne ho e-na le monna ea neng a le likhathatso eo lebitso la hae e leng Sheba,+ mora oa Bikri oa Mobenjamine. O ile a letsa lenaka+ a re: “Ha ho na letho le re kopanyang le Davida ebile ha re na lefa ho mora oa Jese.+ E mong le e mong a ke a khutlele ho molimo* oa hae, uena Iseraele!”+

  • 2 Samuele 20:22
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 22 Hang-hang mosali eo ea bohlale a khutlela ho batho bohle ’me ba khaola hlooho ea Sheba mora oa Bikri eaba ba e akhella Joabe. Ka mor’a moo, Joabe a letsa lenaka ’me ba tloha motseng, e mong le e mong a khutlela ha hae.+ Joabe a khutlela Jerusalema ho morena.

  • 1 Marena 2:22
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 22 Morena Solomone a re ho ’mè oa hae: “Ke hobane’ng ha u kopa hore Abishage oa Moshuneme a fuoe Adonija? Ke hore u hle u mo kopele le borena+ hobane ke abuti oa ka+ ’me o tšehetsoa ke moprista Abiathare le Joabe+ mora oa Tseruja.”+

  • 1 Marena 2:24
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 24 Adonija o tla bolaoa+ kajeno, ke hlapanya ka Jehova Molimo ea phelang, ea mpehileng teroneng ea ntate oa ka Davida le ea tiisitseng puso ea ka+ ’me a nkahela ntlo*+ feela joalokaha a ne a tšepisitse.”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela