-
Baroma 1:20, 21Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
20 Le hoja Molimo a ke ke a bonoa, makhabane a hae a bonoa ka ho hlaka linthong tseo a li bopileng lefatšeng hobane batho ba ka a bona ha ba li sheba.+ Lintho tseo a li bopileng ke bopaki ba matla a hae a sa feleng+ le hore ke Molimo.+ Batho ba hanang bopaki boo ha ba na mabaka a ho ikemela. 21 Le hoja ba tsebile Molimo, ha baa ka ba mo tlotlisa kapa ba mo leboha empa ba ile ba nahana lintho tse se nang thuso, le likelello* tsa bona tsa hloka kutloisiso.+
-