-
Ruthe 1:16, 17Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
16 Empa Ruthe a re: “U se ke oa mphehella hore ke u siee, ke khutle ke se ke ka tsamaea le uena kaha ke tla ea moo u eang teng ’me ke tla robala moo u robalang teng. Batho ba heno e tla ba batho ba heso ’me Molimo oa hao e tla ba Molimo oa ka.+ 17 Ke tla shoela moo u shoelang teng ’me ke pateloe hona teng. E se eka Jehova a ka mpha kotlo e boima haeba re ka arohanngoa ke ntho leha e le efe ha e se lefu.”
-