-
1 Marena 2:22-24Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
22 Morena Solomone a re ho ’mè oa hae: “Ke hobane’ng ha u kopa hore Abishage oa Moshuneme a fuoe Adonija? Ke hore u hle u mo kopele le borena+ hobane ke abuti oa ka+ ’me o tšehetsoa ke moprista Abiathare le Joabe+ mora oa Tseruja.”+
23 Morena Solomone a hlapanya ka Jehova a re: “E se eka Molimo a ka mpha kotlo e boima haeba nke ke ka bolaea Adonija ka lebaka la kopo ena. 24 Adonija o tla bolaoa+ kajeno, ke hlapanya ka Jehova Molimo ea phelang, ea mpehileng teroneng ea ntate oa ka Davida le ea tiisitseng puso ea ka+ ’me a nkahela ntlo*+ feela joalokaha a ne a tšepisitse.”
-