-
Luka 14:8-10Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
8 “Ha motho a u memme lechatong, u se ke oa lula litulong tse ka pele-pele.+ Ho ka etsahala hore ebe o memme e mong ea hlaheletseng ho u feta. 9 Kahoo, o tla tla ho uena a re: ‘E-re motho enoa a lule mona.’ Joale u tla tloha moo u soabile ebe u ea litulong tse morao-rao. 10 Ha u menngoe, u lule litulong tse ka morao-rao e le hore ha motho ea u memmeng a tla a tle a re ho uena: ‘Motsoalle, e-ea litulong tse ka pele-pele.’ Joale batho bohle bao u menngoeng le bona ba tla u hlompha.+
-