Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 1 Marena 21:8-11
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 8 A ngola mangolo ka lebitso la Akabe, a a tempa ka setempe sa morena+ ’me a a romela ho baholo+ le bahlomphehi ba neng ba lula motseng oa Nabothe. 9 O ile a ngola tjena mangolong ao: “Laelang hore sechaba se itime lijo ’me le behe Nabothe ka pel’a sechaba sohle. 10 Le behe banna ba babeli ba se nang thuso ka pel’a hae ’me ba pake khahlanong le eena+ ba re, ‘U rohakile Molimo le morena!’+ ebe le mo ntšetsa ka ntle ho motse le mo tlepetsa ka majoe ho fihlela a shoa.”+

      11 Banna ba motse, baholo le bahlomphehi ba neng ba lula motseng oa habo, ba etsa seo Jezebele a neng a se ngotse mangolong ao a a rometseng.

  • Jeremia 38:4, 5
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 4 Liofisiri tse kholo tsa re ho morena: “Re kopa hore monna enoa a bolaoe+ hobane o nyahamisa masole a setseng motseng mona le batho bohle ka ho ba joetsa lintho tsena. Etsoe monna enoa ha a batlele sechaba sena khotso empa o se batlela tlokotsi.” 5 Morena Tsedekia a re: “Etsang ntho eo le e batlang ka eena. Ha ho letho leo nka le etsang ho le thiba.”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela