Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Pesaleme 39:5, 6
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  5 U entse hore matsatsi a ka e be a seng makae.*+

      Bolelele ba bophelo ba ka ha se letho ka pel’a hao.+

      Le hoja ho bonahala eka motho e mong le e mong o sireletsehile, o tšoana feela le phefumoloho.+ (Selah)

       6 Bophelo ba motho bo tšoana le seriti.

      O potlakela* lefeela.

      O bokella maruo a sa tsebe hore na a tl’o jeoa ke mang.+

  • Moeklesia 2:11
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 11 Empa ha ke sheba lintho tsohle tseo ke li entseng ka matsoho a ka le mosebetsi o boima oo ke sebelitseng ka thata ho o phetha,+ ka bona hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ne e le lefeela, e le ho lelekisa moea.+ Ho ne ho se na letho le molemo lefatšeng.*+

  • Moeklesia 2:18
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 18 Ke ile ka hloea lintho tsohle tseo ke neng ke li sebelelitse ka thata lefatšeng+ hobane ke tlameha ho li siela motho e mong.+

  • Moeklesia 2:26
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 26 Molimo o fa batho ba mo khahlisang bohlale, tsebo le thabo+ empa baetsalibe o ba fa mosebetsi oa ho bokella le ho phutha e le hore feela ba fe ea khahlisang Molimo oa ’nete.+ Hona le hona ke lefeela le ho lelekisa moea.

  • Luka 12:15
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 15 Eaba o re ho bona: “Itlhokomeleng ’me le qobe mefuta eohle ea meharo+ hobane le haeba motho a e-na le lintho tse ngata haholo, bophelo ba hae ha bo hlahe linthong tseo a nang le tsona.”+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela