-
Moeklesia 8:17Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
17 Eaba ke nahanisisa ka mosebetsi oohle oa Molimo oa ’nete ’me ka hlokomela hore batho ba ke ke ba utloisisa lintho tse etsahalang lefatšeng.*+ Ho sa tsotellehe hore na ba leka ka matla hakae, ba ke ke ba li utloisisa. Le haeba ba ka re ba bohlale ’me ba li tseba kaofela, ho hang ba ke ke ba li utloisisa.+
-
-
Baroma 11:33Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
33 Litlhohonolofatso tsa Molimo li ngata hakaakang! Bohlale ba hae le lintho tseo a li tsebang li ke ke tsa lekanngoa. Likahlolo tsa hae li ke ke tsa utloisisoa ka ho feletseng hape re ke ke ra tseba litsela tsa hae kaofela.
-