Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Pesaleme 62:12
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 12 Lerato* le lona ke la hao, Jehova.+

      U putsa motho e mong le e mong ho ea ka liketso tsa hae.+

  • Moeklesia 11:9
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 9 Mocha, u thabe ha u sa le mocha ’me pelo ea hao e thabe matsatsing a bocha ba hao. U latele thato ea pelo ea hao ’me u ee moo mahlo a hao a u lebisang teng. Empa tseba hore Molimo oa ’nete o tla u ahlola* ka lebaka la lintho tsena tsohle.+

  • Matheu 12:36, 37
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 36 Kea le bolella hore ka Letsatsi la Kahlolo batho ba tla ikarabella+ bakeng sa ntho e ’ngoe le e ’ngoe e se nang thuso eo ba e buang. 37 Haeba u bua lintho tse ntle, Molimo o tla u nka u lokile empa haeba u bua lintho tse mpe o tla u nka u le molato.”

  • Liketso 17:31
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 31 hobane o behile letsatsi leo ka lona a tla ahlola+ lefatše ka toka a sebelisa monna eo a mo khethileng. O ile a tsosa monna eo bafung ’me ka ho etsa joalo a kholisa batho bohle hore letsatsi leo le tla fihla.”+

  • 2 Bakorinthe 5:10
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 10 Kaofela ha rona re tla ema ka pel’a setulo sa Kreste sa kahlolo e le hore e mong le e mong a fuoe moputso ho ea ka lintho tseo a ileng a li etsa ha a sa ntse a e-na le ’mele ebang li ne li le ntle kapa li le mpe.+

  • 1 Timothea 5:24
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 24 Libe tsa batho ba bang lia tsebahala ’me seo se etsa hore ba ahloloe ka potlako empa libe tsa batho ba bang tsona li hlahella hamorao.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela