Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 1 Samuele 13:12, 13
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 12 Kahoo, ka nahana ka re, ‘Joale Bafilista ba tla tla ba tl’o ntoantša mona Gilgale ’me ha ke e-s’o kope Jehova hore a nthuse.’ Ka lebaka leo, ke ile ka utloa ke tlameha ho etsa sehlabelo sena sa secheso.”

      13 Eaba Samuele o re ho Saule: “Ntho eo u e entseng ke booatla. Ha oa mamela taelo eo Jehova Molimo oa hao a u fileng eona.+ Haeba u ne u mametse, Jehova a ka be a entse hore borena e be ba lesika la hao ka ho sa feleng Iseraele.

  • 1 Samuele 15:22
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 22 Eaba Samuele o re: “Na Jehova o thabisoa ke linyehelo tsa secheso le mahlabelo+ ho feta hore Jehova a mameloe? Ho mamela ho molemo ho feta sehlabelo+ ’me ho utloa ho molemo ho feta mafura+ a liramo.*

  • Liproverbia 21:27
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 27 Molimo o nyonya sehlabelo sa ea khopo.+

      Ha a fana ka sona ka sepheo se sebe, O se nyonya le ho feta.*

  • Esaia 1:13
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 13 Khaotsang ho tlisa linyehelo tsa lijo* tse se nang thuso.

      Ke nyonya libano tsa lona.+

      Le keteka likhoeli tse thoasitseng+ le lisabatha+ ebile le etsa likopano+

      Empa nke ke ka mamella boloi+ hammoho le phutheho ea lona e hlomphehang.

  • Hosea 6:6
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  6 Ke thabisoa ke lerato* eseng sehlabelo.

      Ke thabisoa ke ha batho ba tseba Molimo ho e-na le linyehelo tse feletseng tsa secheso.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela